Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 18:4 - BIBELE

4 Kgalefo ya hao e o entse maharola! O re fatshe le furallwe ka baka la hao? Mafika a suthiswe tulong tsa wona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 18:4
13 Referencias Cruzadas  

Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona!


“Jwalokaha thaba e ye e helehe, e nyamele, le lefika le suthiswe tulong tsa lona;


Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho!


O re tadimelang jwaloka diphoofolo? Mahlong a hao re le mahelehele?


“Bone la ya kgopo ke lona le tla tingwa; tlhase ya mollo wa hae e ke ke be ya hotela.


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”


Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos