Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 18:5 - BIBELE

5 “Bone la ya kgopo ke lona le tla tingwa; tlhase ya mollo wa hae e ke ke be ya hotela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 18:5
12 Referencias Cruzadas  

A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!


Kgalefo ya hao e o entse maharola! O re fatshe le furallwe ka baka la hao? Mafika a suthiswe tulong tsa wona?


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


“Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?


Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa.


Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.


Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!


ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa.


Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang.


Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.


Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong.


Etlare ha ke o timetsa mahodimo ke a kwahele, dinaledi tsa wona ke di fifatse. Letsatsi le tla kwahelwa ke maru, kgwedi e se ke ya eba le ngwedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos