Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Kgalefo ya hao e o entse maharola! O re fatshe le furallwe ka baka la hao? Mafika a suthiswe tulong tsa wona?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 18:4
13 Referencias Cruzadas  

Ke thusang, leha nka tshwara nama ya ka ka meno a ka, ka fuparela moya wa ka letsohong la ka?


Thaba di a wa, di a fela, lefika le theteha bodulong ba lona;


Ke haholwa ke kgalefo ya wona; o ikentse sera ho nna, o phuranya meno ho nna; eo e leng sera ho nna o ntlhaba ka mahlo a bohale.


Re etswa keng diphoofolo? Re mawatla keng mahlong a lona na?


Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


Dithaba di ka sutha, maralla a sisinyeha, empa mohau wa ka o ke ke wa tloha ho wena, mme selekane sa ka sa kgotso se ke ke sa sisinyeha: ho bolela Jehova ya o hauhetseng.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Hohle ha o mo tshwara, o mo teanya fatshe, a ntshe makweba, a tsikitlanye meno, a omelle; ke boleletse barutuwa ba hao hore ba o leleke, ba mpa ba sitwa.


O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos