Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Bone la ya kgopo ke lona le tla tingwa; tlhase ya mollo wa hae e ke ke be ya hotela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 18:5
12 Referencias Cruzadas  

Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona.


Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,


Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


Mahlo a phahameng le pelo e hohomohileng, eo e leng ho kganya ha ba babe, ke sebe.


hobane ha ho moputso o boloketsweng batho ba sa lokang, mme lebone la ba babe le tla tima.


Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.


Bonang, lona kaofela bao le hotetsang mollo, bao le tshwarang dirumula, le tla wela malakabeng a mollo wa lona le hara dirumula tseo le di hoteditseng. Le tla welwa ke ntho tseo, di etswa letsohong la ka, le rapalle bohlokong.


Empa ba bolotsana ba jwaloka lewatle le fuduilweng, le sitwang ho kgutsa, leo metsi a lona a ntshang diretse le ditshila.


Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos