Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:5 - BIBELE

5 “ ‘Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:5
16 Referencias Cruzadas  

Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;


“Re eletse, o re etsetse qeto, moriti wa hao o re sireletse motsheare, sa fifi la bosiu; pata ba lelekilweng, o se eke baphaphathethi.


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


“Na o tla busa hobane o hahile ka dikedare? Na ntatao yena o na sa je, mme a sa nwe? Empa o nnile a sebetsa ka toka le ka ho loka, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo.


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena.


ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.


“Empa ha motho a lokile, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;


ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme;


Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?’ ”


Hara baahi ba Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane ba neng ba eso ka ba robala le monna; yaba ba ba isa diahelong tsa Shilo, e naheng ya Kanana.


Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos