Jeremia 7:6 - BIBELE6 haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona; Ver Capítulo |
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.