Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “ ‘Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:5
16 Referencias Cruzadas  

Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Re eletse, etsa morero, motshehare re etsetse leswiti le jwaloka bosiu, o tle o pate ba lelekisitsweng, mme o se ke wa senola ba balehang.


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bakang metsamaong ya lona le diketsong tsa lona, mme ke tla le ahisa nqalong ena.


a sa etse mohlomohi ka matla, a sa nke phahello leha e le katiso, a etsa ka ditaelo tsa ka, a tsamaya ka dikomelo tsa ka; eo a ke ke a shwa ka bokgopo ba ntatae, o fela a tla phela.


Ekare ha motho e mong a lokile, mme a etsa ka taelo le ka ho loka,


ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?


Ba ya, mme hara ba ahileng Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane, ba esong ho tsebe monna ka ho robala le yena, mme ba ba tlisa diahelong, Silo, naheng ya Kanana.


Tsatsing leo, Debora le Barake, mora Abinoame, ba bina, ba re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos