Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.
Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena.
E tla futuhela le naha ya Kanana, e hape dinaha tse ngata, empa baahi ba Edomo le ba Moabe le baholo ba Baamone, bona ba tla phonyoha matsohong a yona.