Empa leruo la hae le moputso wa hae di tla kgethelwa Jehova, di ke ke tsa bokellwa hammoho, leha e le ho bolokwa, empa leruo la hae le hwebilweng e tla ba la ba emang pela Jehova, ba tle ba kgore hantle, mme ba apeswe ka bokgabane.
Ke tla ba neela matleng a ba batlang bophelo ba bona, le matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matleng a bahlanka ba hae; empa hamorao, Egepeta o tla boela a ahuwe jwaloka mehleng ya kgale, ho bolela Jehova.
Ke tla ba lata kgolehong; ke tla lata baholehuwa ba Sodoma le ba baradi ba hae, le baholehuwa ba Samaria le ba baradi ba hae; le baholehuwa ba hao hammoho le ba bona;
O tla tla le naheng e kgahlehang, mme ho tla wa ba le bangata, empa ho tla phonyoha matsohong a hae Baedomo, le Bamoabe, le ba baholo ho bana ba Ammone.