Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:5 - BIBELE

5 Bona, ke tla o tlisetsa tshabo, o tshabe bohle ba o potapotileng,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. “Kaofela ha lona le tla lelekwa naheng ena, ha ho ya tla phutha baphaphathehi ba lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bonang, ke ya tlisa mokgosi ho wena, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, ka mathokong wohle a hao, mme le tla qhalana e mong le e mong ka nqa hae, ho se ya bokellang maphanyaphanya.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:5
16 Referencias Cruzadas  

Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


“Re eletse, o re etsetse qeto, moriti wa hao o re sireletse motsheare, sa fifi la bosiu; pata ba lelekilweng, o se eke baphaphathethi.


Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.


Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.


O hape tente tsa bona le mehlape ya bona, le maphephe a bona o bo a nke, o nke thepa yohle ya bona le dikamele. Batho ba tla howeletsa, ba re ho bona: ‘Matshabeho a le potapotile kahohle!’


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


“Suthang, le silafetse!” ho rialo setjhaba, “Suthang! Suthang! Le se ke la re ama!” Leha ba lelera hara baditjhaba, ha ho na moo ba fumaneng tjako teng!


Le tla tswa ka dikgeo tsa marako, le tswe ka bonngwe le kolokile, le tswe, le yo lahlelwa Heremone,” ho rialo Morena.


A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos