Jeremia 38:2 - BIBELE2 “Morena o bua tjena: ‘Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela.’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele. Ver Capítulo |
“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.