Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Morena o bua tjena: ‘Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela.’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:2
20 Referencias Cruzadas  

Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlosa dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo ka tsona le lwantshang morena wa Babilona le Bakalde ba le thibeletseng kantle ho marako, ke tle ke di bokelle motseng ona.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.


Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?


Bonang, ho itswe ke Jehova bakeng sa morena ya dutseng teroneng ya Davida, le bakeng sa setjhaba kaofela se ntseng se ahile motseng wona, e leng bahabo lona ba sa kang ba iswa kgolehong le lona:


Ke tla ba phallela ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa; ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, e nne e be thohako, le makatso, le sesomo, le nyediso hara ditjhaba tsohle moo ke qhalanyetsa teng;


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe.


Hobane ke tla o namolela, o ke ke wa wa ke lerumo, mme bophelo ba hao e tla ba kgapo ya hao, hobane o hlile o itshepetse nna, ho bolela Jehova.


Batho kaofela ba ka phehellang ho ya Egepeta le ho aha teng, ba tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; ha ho ka ke ha eba ya tlolang wa bona, leha e le ya phonyohang pela bobe boo ke tla ba hlahisetsa jona.


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa.


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos