Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:3 - BIBELE

3 Morena o bua tjena: ‘Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho itswe ke Jehova: Motse ona o tla neelwa ruri matleng a makgotla a morena wa Babilona, mme o tla o kena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:3
7 Referencias Cruzadas  

Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse.


Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae.


empa Morena o bua tjena ka kgosi e dutseng teroneng ya Davida le ka setjhaba sohle se setseng motseng ona, e leng bang ka lona ba sa kang ba ya le lona bothopuweng,


Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.’


Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos