Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:10 - BIBELE

10 Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Morena o laela Ebede-Meleke, Moethiopia, a re: Inkele batho ba mashome a mararo mona, o nyolle moporofeta Jeremia lemeneng, a eso ho shwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:10
7 Referencias Cruzadas  

Ha kgosi e bona Esetere a eme ka seotlwaneng, ya mo hauhela, yaba e mo supa ka lere la yona la kgauta, leo e neng e le tshwere. Esetere a atamela, a ama ntlha ya lere la kgosi.


Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda.


Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Ebede-Meleke a nka banna bao, a ya le bona ka kamoreng eo ho bolokwang diphahlo tsa kgosi ka ho yona. A fihla a ntsha diaparo tsa kgale tse seng di tabohile, a di theolela ka mehala ho Jeremia, ka mokoting.


Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine,


“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos