Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:9 - BIBELE

9 “Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:9
12 Referencias Cruzadas  

ka baka la ho tshaba matshwele a batho, le ho tshaba ho nyediswa ke bang ka nna, ke ne ke tla kgutsa, ebe ke tswela kantle.


Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.’


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.”


Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re:


Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela,


Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!”


Di nkakgetse ka mokoting ke ntse ke phela, molomo wa mokoti tsa o kwala ka lejwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos