Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Morena o laela Ebede-Meleke, Moethiopia, a re: Inkele batho ba mashome a mararo mona, o nyolle moporofeta Jeremia lemeneng, a eso ho shwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:10
7 Referencias Cruzadas  

Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere.


Morena Assueruse a re ho mofumahadi Esthere le ho Mojuda Mordekai: Bonang, ke neile Esthere ntlo ya Hamane, mme yena o ile a fanyehwa sefateng, hobane a ne a isitse letsoho la hae ho Bajuda.


Ke tla roba dinaka tsa ba bolotsana; empa dinaka tsa ba lokileng di tla phahamiswa.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


Yaba Ebede-Meleke o inkela batho bao, a ya ka tlung ya morena, katlasa kamore ya polokelo, a inkela ditsiba le dikatana tse onetseng, mme a di theolela ho Jeremia, ka lemeneng, ka marapo.


Yaba Ebede-Meleke, Moethiopia, molebedi ya neng a le ka tlung ya morena, o utlwa hobane ba lahletse Jeremia lemeneng; mme morena o ne a dutse monyako wa Benjamine.


Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos