Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:43 - BIBELE

43 Naheng ena eo lona le reng ‘ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya,’ ho tla rekwa masimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Ho sa tla rekwa masimo lefatsheng lena, leo lona le reng ke lesupi le se nang batho leha e le dikgomo, le neetswe matsohong a Bakalde.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:43
7 Referencias Cruzadas  

Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.’ ”


Empa wena Morena Modimo, o itse ho nna: ‘Ithekele tshimo ena ka tjhelete, o bitse le dipaki,’ feela ke mona ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya.”


“Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ka motse ona, oo ha o bua ka wona o reng: ‘Motse ona o tla newa kgosi ya Babilona ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.’


“Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: ‘Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,’ le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,


“Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng.


Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos