Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Ho sa tla rekwa masimo lefatsheng lena, leo lona le reng ke lesupi le se nang batho leha e le dikgomo, le neetswe matsohong a Bakalde.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Naheng ena eo lona le reng ‘ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya,’ ho tla rekwa masimo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:43
7 Referencias Cruzadas  

Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.


Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.


Mme jwale, ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o bolela bakeng sa motse ona oo lona le reng: O ya neelwa matsohong a morena wa Babilona, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa;


Hobane ho itswe ke Jehova: Haele nqalo ena eo lona le reng: E sentswe, ha e na batho leha e le dikgomo; leha e le metse ya Juda le diterata tsa Jerusalema tse dithako, tseo ho seng motho teng, leha e le moahi, leha e le kgomo;


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos