Jeremia 32:44 - BIBELE44 Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)44 Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova. Ver Capítulo |
Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.