Jeremia 27:13 - BIBELE13 Ke ka baka lang ha wena le setjhaba sa hao le rata ho bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, jwalokaha Morena a boletse malebana le setjhaba se sa tlo sebeletsa kgosi ya Babilona? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona? Ver Capítulo |
“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.
“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.