Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:12 - BIBELE

12 Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:12
11 Referencias Cruzadas  

Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.”


Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.”


Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae.


“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: ‘Ke robile joko ya kgosi ya Babilona!


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos