Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ke ka baka lang ha wena le setjhaba sa hao le rata ho bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, jwalokaha Morena a boletse malebana le setjhaba se sa tlo sebeletsa kgosi ya Babilona?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:13
11 Referencias Cruzadas  

Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos