Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:15 - BIBELE

15 “Na o tla busa hobane o hahile ka dikedare? Na ntatao yena o na sa je, mme a sa nwe? Empa o nnile a sebetsa ka toka le ka ho loka, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:15
33 Referencias Cruzadas  

Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.


Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome.


A kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a kgeloha.


Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.


Diketso tse ding tsa Josiya le tsa borapedi ba hae, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng Molaong wa Morena;


Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.


Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


Hleka ba kgopo kapele ho kgosi, terone ya yona e tle tsitsiswe ke ho loka.


Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.


Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.”


Ho lehlohonolo naha e buswang ke kgosi e tswalehileng, eo mahosana a yona a ketekang ka nako ya teng, a jelang ho matlafala, e seng hore a tahwe.


Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo,


Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”


“ ‘Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka;


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos