Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 “Na o tla busa hobane o hahile ka dikedare? Na ntatao yena o na sa je, mme a sa nwe? Empa o nnile a sebetsa ka toka le ka ho loka, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:15
33 Referencias Cruzadas  

Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


Le pele, ha ho a ka ha eba morena ya jwaloka yena, ya sokolohetseng ho Jehova ke pelo yohle ya hae, le ka moya wohle wa hae, le ka matla wohle a hae, ho etsa le ka tsohle tsa molao wa Moshe; le kamorao, ha ho a ka ha hlaha ya jwaloka yena.


Bara ba Josiase ke Jokanane, wa letsibolo; wa bobedi ke Jojakime, wa boraro ke Tsedekia, wa bone ke Shallume.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a tsamaya ka mehlala ya Davida ntatae, mme ha a ka a e kgeloha ho ya leha e le ka ho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.


Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.


Haele ditaba tse ding tsa hae, le diketso tsa hae tsa borapedi tsa ho ya ka tse ngodilweng molaong wa Jehova,


Mohau le nnete di tiisa morena, ka mohau wa hae o tiisa terone ya hae.


Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.


ha o tlosa molotsana pela morena, terone ya hae e tla tiiswa ke ho loka.


Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.


Ahlamisa molomo, o ahlole ka ho loka, o ahlolele ya madimabe le mofutsana.


Ho madimatle lefatshe leo morena wa lona e leng mora batho ba kgabane, leo mahosana a lona a jang ka nako e tshwanelehang, hore a bone matla, e seng ho tahwa.


Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a nne a je, a nwe, a batlele moya wa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tswa letsohong la Modimo.


Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Leha ekaba ke ho hotle, kapa ke ho hobe, re tla utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, eo re o romelang ho yena, hore re tle re hlohonolofale, ha re ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos