Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:14 - BIBELE

14 Ya reng: ‘Ke tla ikgahela ntlo ya ka e kgolo, e nang le disolloro tse batsi.’ A fela a e etsetsa difesetere, mabota a a manehe mapolanka a dikedare, a ba e dile ka mobu o mofubedu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ya reng: Ke tla ikgahela ntlo e kgolo le dikamore tse sephara: ke phunye difensetere, ke manehe ka kedare, mme ke tshase ka mmala o mofubedu.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:14
13 Referencias Cruzadas  

ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane.


Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.


Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.


Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu.


Tjhaba sohle se tla o tseba, ba morabe wa Efraime le baahi ba Samaria, bona ba buang ka boikgantsho, le ka boikgohomoso, ba re:


“Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


“Na ee ke yona nako ya hore lona le dule matlung a kgabisitsweng, ha Tempele ee yona e ntse e le dithako?”


Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos