Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:13 - BIBELE

13 “Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana, a hahe disolloro tsa yona ka bomenemene; ya etsang hore mohahabo a sebeletse lelea, ya sa lefeng moputso wa mosebeletsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bokgopo, le dikamore tsa hae ka ho se loke, ya sebedisetsang wa habo lelea, a sa mo nee moputso wa mofufutso wa hae;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:13
16 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Egepeta ya bea Eliakime, ngwanabo Jehowakase, hore e be kgosi ya Juda le ya Jerusalema. Ya mo rea lebitso la Jehoyakime. Neko a nka Jehowakase, ngwanabo Jehoyakime, a mo isa Egepeta.


Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.


haeba tholwana tsa wona ke di jele lehahla, kapa monga tsona ka mmolaya,


Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’


“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.


Ka tshollo ya madi Sione le e hahile, ka bokgopo ba lona la haha Jerusalema.


“Ho madimabe ba hahileng motse wa bona, ba o hahileng ka ho tsholla madi, ba o haha hodima moralo wa bolotsana!


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere.


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos