Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:12 - BIBELE

12 O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane o tla shwela nqalong eo ba mo nketseng teng kgolehong, ha a sa tla boela a bone lefatshe lena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:12
6 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.


Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng.


Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’


Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’


Le tla shwella hara baditjhaba, mme naha ya dira tsa lona e tla ba mabitla a lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos