Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:19 - BIBELE

19 Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:19
55 Referencias Cruzadas  

Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.


Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona; Morena ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le ntwanelang, ke seqhobo sa ka.


Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo.


Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha.


Ke ho Modimo feela moo moya wa ka o ka phomolang, pholoho ya ka e tswa ho yena.


Ke yena feela lefika la ka le pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.


wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena,


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Ya etsang modimo wa bohata, kapa ya bopang setshwantsho, yena o sebeletsa lelea.


Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Baditjhaba ba tla bona ho loka ha hao, dikgosi tsohle di bone tlotla ya hao; wena o tla bitswa ka lebitso le letjha, leo o tla la rewa ke Morena ka seqo.


Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela, baditjhaba ba rema sefate morung, ebe sebetli ka selepe se a se betla.


Medingwana ena e ka setshosa, e ka setshosa se hlonngwe tshimong ya mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka kgona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaya. Lona le se e tshabe, e ke ke ya le ntsha kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe.”


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa?


Wena se ka etsa hore ke o tshohe, o setshabelo sa ka nakong ya ditsietsi.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Ho rapella hodima maralla ha ho thuse letho, lereberebe le hodima dithaba ha le thuse letho; ruri Morena, Modimo wa rona, ke yena Mopholosi wa Baiseraele.


Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona.’


Morena o tla puruma a le Sione, a thwathwaretse a le Jerusalema, mahodimo le lefatshe di reketle. Morena ke setshabelo sa tjhaba sa hae, ke qhobosheane ya tjhaba sa Iseraele.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa.


Morena o molemo, ke setshabelo; ke setshabelo mohla tsatsi la ditlokotsi, ba mo tshepang o a ba sireletsa.


Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo!


Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona,


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos