Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:18 - BIBELE

18 Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:18
24 Referencias Cruzadas  

Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi.


Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla.


“Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,


ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.”


Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.


Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala.


Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.


Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’


“ ‘Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse.


“Ba tla kgutlela naheng ena, mme ba hleke medingwana ena e nyonyehang, le manyala wohle a teng.


Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.”


Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona.


“Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.


A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos