Jeremia 11:8 - BIBELE8 Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka. Ver Capítulo |
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ”
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.