Jeremia 11:7 - BIBELE7 Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka. Ver Capítulo |
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.