Jeremia 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka. Ver CapítuloBIBELE8 Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.’ ” Ver Capítulo |
Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.
Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.