Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:16 - BIBELE

16 Morena o ile a o rea lebitso, a re o fate sa mohlwaare se setalana, se kgahlehang, se behang tholwana di le monate. Empa ka modumo, modumo o thwathwaretsang, o ila hotetsa mollo hodimo sona, makala a sona a etjha, a re lore!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:16
18 Referencias Cruzadas  

O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle.


Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re:


Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena.


Ba o tjhesitseng ka mollo, ba o remileng, ba ke ba timetswe ke kgalefo, kgalefo ya fahleho sa hao.


Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?


Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.’ ”


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’


Makala a hae a tla hlomela, a thathalle, a kgahlehe jwaloka fate sa mohlwaare, a nkge hamonate sa kedare ya Lebanone.


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.


O tla ba le difate tsa mohlwaare hohle naheng ya heno, empa o ke ke wa itlotsa ka ole, hobane ditholwana tsa mohlwaare wa hao, di tla hlohloreha.


Dipaki tsena ke difate tse pedi tsa mohlwaare, le didulwana tsa mabone tse pedi, tse emeng kapele ho Morena wa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos