Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:15 - BIBELE

15 “Moratuwa o etsang ka tempeleng ya ka, ha e le moo a rera merero ya bolotsana? Ebe nama tsa mahlabelo di ka o phemisa kotlo ya hao? Ha o etsa bokgopo eba jwale o a thaba!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moratwana wa ka o sa na le eng ka tlung ya ka, ha ho ntse ho etswa ke yena bolotsana bo bongata? Le nama e kgethehileng e ya tloswa ho wena. Ereha o etsa bobe, ke hona o thabang!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:15
29 Referencias Cruzadas  

Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao,


O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang.


Sethoto se thabela ho etsa bobe, ya nang le kutlwisiso o thabela bohlale.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo,


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Lehlanya le betsakang ditsenene, le metsu e bolayang,


Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


“Ke furaletse ntlo ya ka, ka siya lefa la ka, moratuwa ka neelana ka yena, matsohong a dira tsa hae.


Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?”


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


“Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete.


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo,


ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete.


Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.


jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos