Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Morena o ile a o rea lebitso, a re o fate sa mohlwaare se setalana, se kgahlehang, se behang tholwana di le monate. Empa ka modumo, modumo o thwathwaretsang, o ila hotetsa mollo hodimo sona, makala a sona a etjha, a re lore!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 11:16
18 Referencias Cruzadas  

O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo;


Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.


Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.


Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.


Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


Makala a hae a tla hlomela; kganya ya hae e tla ba jwaloka ya mohlwaare, le monko wa hae jwaloka wa Lebanone.


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


O tla ba le mehlwaare naheng yohle ya hao, empa ha o ka ke wa tlola ole, kahobane ditholwana tsa mehlwaare ya hao di tla hlohlorehela fatshe.


Tseo ke mehlwaare e mmedi le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos