Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:22 - BIBELE

22 Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:22
16 Referencias Cruzadas  

Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng.


Morena a re ho nna: “Koduwa e tla hlaha e etswa leboya, baahi bohle ba naha ena e ba wele hodimo.


Ke kgatheng la ho mema ditjhaba, tjhaba tsohle tsa mebuso, mebuso e ka leboya,” ho rialo Morena. “Kgosi tsa bona di tla emisa terone tsa tsona, di di emise kapela dikgoro tsa Jerusalema; di tla di emisa ho potapota marako, di di emise metseng yohle ya Juda.


Tawana di a puruma, di a mo kgobolaka, naha ya hae di e fetotse nanaola, metse ya hae ke masupi, ha e na baahi.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


Mokgosi o utlwahala o etswa Dane, o hlajwa thabeng ya Efraime ho bolela tlokotsi!


Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.”


“Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.”


Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Jwale Morena o bua tjena: “Bonang! Tjhaba se tswang naheng e ka leboya se a tla; tjhaba se matla se tswa pheletsong tsa lefatshe.


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.


Ere ho setjhaba sa naha ena: ‘Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.


Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos