Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:21 - BIBELE

21 Badisa ba hloka kelello, thuso ya Morena ha ba e batle, kahoo ba ke ke ba fumana katleho, mehlape ya bona yohle e qhalakane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:21
18 Referencias Cruzadas  

Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata.


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda.


“Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


“Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.”


Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?


Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi.


Morena o re: “Kgalefo ya ka e tloketse badisa, kahoo baetapele bana ke tla ba otla. Morena wa mabotho o tla baballa mohlape wa hae, e leng ba ntlo ya Juda, ba tshwana le pere e mabela ya ntwa.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos