Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:20 - BIBELE

20 Tente ya ka e senyehile, kgwele tsa yona tsohle di kgaohile; bana ba ka bohle ba ntshiile, ha ho ya setseng ho hloma tente ya ka, kapa hona ho phutholla masira a yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Tente ya ka e sentswe, mehala ya ka kaofela e kgaohile: bara ba ka ba ntlohetse, ha ba sa le yo; ha ho sa le ya ka hlomang tente ya ka, leha e le ya ka sarollang metlotlwane ya ka.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:20
12 Referencias Cruzadas  

Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!


Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.


Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: ‘O setjhaba sa ka.’ ”


Hara bohle ba mala a hae, ha ho ya mo tataisang, hara bao a ila ba hodisa, ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.


“Atolosa setsha sa tente ya hao, o sarolle le masira a ntlo ya hao; lelefatsa kgwele tsa masira a hao, le dimapo tsa tsona o di kgokgothele.


Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.”


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi.


Ba lwantshang Sione e se le babusi ba yona, dira tsa yona di dutse ka boiketlo. Morena o tliseditse Sione matshwenyeho, ka baka la dibe tsa yona bongata. Bana ba yona ba isitswe bothopuweng, ba thopilwe ke ba neng ba ba lwantsha.


Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos