Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:19 - BIBELE

19 Ke madimabe hobane ke tswile kotsi! Leqeba la ka ha le ka ke la fola! Empa ka pelong ka ikgothatsa, ka re: “Ena ke tsietsi ya ka, ke tlameha ho e mamella.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:19
17 Referencias Cruzadas  

Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle, se nketse sesomo ho dithoto.


Na Modimo o lebetse ho utlwela bohloko? Na kgalefo ya hae e thibetse rato la hae?”


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


“Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”


Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Mahlo a ka a phorosela dikeledi, di phorosela sa metsi a nokana, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso.


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos