Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:23 - BIBELE

23 Morena, sena ke a se tseba, motho ha a ikgethele tsela ya hae, hase yena ya laolang mehato ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:23
9 Referencias Cruzadas  

Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.


Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.


Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.


Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.


Mehato ya motho e laolwa ke Morena, ebe jwale motho tsela a ka e tseba jwang?


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos