Isaia 30:3 - BIBELE3 Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Hobane tshirelo ya Faro e tla ba fetohela dihlong, le ho ipea moriting wa Egepeta ho ba fetohele sekgobo. Ver Capítulo |
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’