Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 30:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane tshirelo ya Faro e tla ba fetohela dihlong, le ho ipea moriting wa Egepeta ho ba fetohele sekgobo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 30:3
18 Referencias Cruzadas  

Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


O re thuse, re tle re hlole dira tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela.


Molotsana eo o mo tshepileng mohla tsietsi, ke leino le robehileng le leoto le tetemang.


Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.


Ba ahileng mabopong ao, ka tsatsi leo ba tla re: Bonang, ba feletse kae bao re ba tshepileng, re mathetseng ho bona ho batla thuso, hore re tle re namolelwe matsohong a morena wa Assiria? Jwale, re tla phonyoha jwang?


Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.


enereha ba o tshwara ka letsoho, wa nna wa robeha, wa petsola lehetla lohle la bona; enereha ba itshetleha ka wena, wa nna wa robeha, wa sisinya letheka lohle la bona.


Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos