Kgosi ya Asiria ya hlokomela hore Hoshea o se a e fetohetse, hobane o ne a ile a romela maqosa ho So, kgosi ya Egepeta, a bile a se a sa ntshe le lekgetho jwalokaha a ne a ntse a etsa ka selemo le selemo. Ka lebaka lena, kgosi ya Asiria ya mo tshwara, ya mo kwalla tjhankaneng.
Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”
Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.
Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”
Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”
Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.