Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:8 - BIBELE

8 Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane masimo a Heshbone a ponne, merara ya Sibma eo makala a yona a neng a taha marena a lefatshe, a namile ho isa Jaesere le ho fihlela nahathothe, mme mahlomela a yona a fihlile le mose wa lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:8
13 Referencias Cruzadas  

“Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole!


Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.


Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse.


Veine e ntjha e fofile, fate tsa morara di ponne, ba thabileng ba aparelwa ke maswabi.


Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao.


Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.


“Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone;


le Atarote-Shofane, le Jasere, le Jogeboha;


le Nebo, le Baale-Meone, le Sibema, mme ba fetola mabitso a metse eo a pele.


le Kiriataime, le Sibema, le Serete-Shahara e hodima leralla la kgohlo,


Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos