Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:7 - BIBELE

7 Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:7
8 Referencias Cruzadas  

Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.


Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.


Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara.


Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.


Ka baka leo, ke llela Moabe, ke llela baahi bohle ba Moabe, ke llela banna ba Kire-Harese.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos