Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:9 - BIBELE

9 Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:9
8 Referencias Cruzadas  

O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo.


Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”


le bona bohle ba kgutlela ho Gedaleya, naheng ya Juda, motseng wa Misepa, ba etswa dinaheng tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona. Ba kotula morara o mongata le ditholwana tse jewang hlabula.


Dihlooho tsa bona ba tla di beola, ba di beole, ba di beolele wena, ba apere aparo tse mahwashe. Ba tla o llela ka pelo tse bohloko, bofifi ba bona e be ba mahlomola.


“Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong.


Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos