Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:9 - BIBELE

9 “Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:9
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Ke tla futuhela bafetohedi, ke ba kgahlole, ke ba kgobokanyetse mabotho a baditjhaba, ke ba otlele dibe tsa bona, dibe tse ngatangata.


Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


“Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!


Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.


Banna ba Gibea ba ntsohela matla, bosiu ba etsetsa ntlo eo ke robetseng ka ho yona sakanalankope. Ba ne ba rerile ho mpolaya, empa ba beta mosadi wa ka wa lefielo, mme a shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos