Hosea 10:8 - BIBELE8 Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo! Ver Capítulo |
Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”
Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.