Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:9
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Ke tla ba kgalemela ka boithatelo ba ka, ditjhaba di bokellwe hodima bona ho ba tlamella makgopong a bona a mabedi.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.


Empa beng ba Gibea ba ntsohela matla, ba teela ntlo hare bosiu, ba re, ba tla mpolaya; ba ile ba beta serethe sa ka, sa ba sa eshwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos