Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”
Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”
Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.